Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Lefatšeng lena ke tla tloha

1. Lefatšeng lena ke tla tloha,
Maloetse a ka a tla fela;
Ke khathetse, ke batla phomolo.
Eto la ka ke se ke tla le qeta,
Ke orohele sefubeng sa Ntate.

2. Meleko e se e tla ntesa,
Mefokolo e tla ntlohela,
Ke lese ho siteloa Molimo;
Ke hlahleloe lesakeng la Konyana,
Moo ke sa e'o bona lihloriso.

3. Seli la teng le tla nkhanyetsa,
Tsebo ea teng e tla nkholisa,
Ha ke sa tla phela ka booatla;
Rato la teng le sa tla 'nyakalatsa,
Ka matsatsi a se nang ho fela.

4. Monghali, ke u lebeletse,
Nkuke, etsoe u lokisitse,
Ruri, Jesu, ke u hlolohetsoe,
U nkuke, ke ee ke u sebeletse,
Mong'a ka, u se u ntiehetse.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Lefatšeng lena ke tla tloha