Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ho hlola le uena

1 Ho hlola le uena, -Ha ho k aba joalo
Ho ba le uena, Morena, -Ke bona bophelo.
Moo ke hlahlathelang, – Ke hlora ka 'nete
Ke hlolohetsoe hakaakang- Haeso, ha Ntate (ter)
Haeso, ha Ntate

2 Ka matsatsi-tsatsi – Ke ntse ke titima;
Leha ho le litsietsi,-Hae ke tla finnella.
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete
Ke hlolohetsoe hakaakang,…

3 Empa mahlomola,- Mohlomong le lillo
Li ntutubatsa ka matla- Mahlo a tumelo.
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete,
Ke hlolohetsoe hakaakang,…

4 Leha ke khathala , -Ha o sa le hole;
Ke o bonela leroothong,- U ntse u khabile:
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete.
Ke hlolohetsoe hakaakang…

5 U nthuse, Morena,-Ke fihle kapele,
Ke be ke hlole le uena- Ka matsatsi 'ohle
Motse o ratehang,- Hae la ka la 'nete,
Ke hlolohetsoe hakaakang…

Leave a Reply

Ho hlola le uena