Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Khama e siileng letšolo

1 Khama e siileng letšolo
E llela selibana,
Ha e khahloe ke makhulo,
Lenyora lea e khama,
Ho lutse joalo le 'na,
Ke nyoretsoe Morena,
Ke re, ke tla bona neneng
Molimo o hlolehileng?

2 Bosiu le motšeare,
Le ka litšiu tsohle
Basomi ba nteetseng hare
Ba ntšehela tsa bottle;
Ba re: O kae Molimo?
U 'mona joang holimo?
Lilelo li ntlhopha hobe,
Li 'nyonyisa le bohobe.

3 Ke lata taba tsa pele,
Ha re ne re kopana
Le ba etelang tempele,
Tempele ea Morena.
Re ne re le lihlopha,
Re tsamea re opa,
Re thabelang, re bina,
Re bua, re khothatsana.

4 Moea oa ka, u soabetse'ng?
U tšohela'ng ka ho 'ng?
tšepo e u tloheletse'ng?
Molimo oa u bona!
U tšepe ea u ratang
Ea tšelisang ba lelang;
Le joale u sa tla 'moka,
Eo u reng u sa mo hloka.

5 Meso e tla u hlahela
U ntse u na le eena;
Letsatsi ha le likela,
U robale ka pina
U tla re ho Molimo,
Lefika le molemo
U ne u ka ntebalela'ng
Motsohong a ba nthorelang?

Leave a Reply

Khama e siileng letšolo