Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Kajeno re rorisa

7.7.8.7.7.8.

1 Kajeno re rorisa
Morena oa marena, bis
Ke eena 'Mopi oa batho
Leha re senyehile, bis
Jesu o re ratile,
O re lefetse melato.

2 Ba leng lehlohonolo
Ke ba pelo e nolo, bis
Ba khumamelang Morena.
A re atameleng, bis
Bohle re mo thabeleng,
Mong 'a khabane ke eena

3 A re mo sebeletseng
Ka pelo tse tšohileng, bis
Ka tiisetso le ka bottle.
Re lumeleng litaba. Bis
Tse rongoang ke jehova
Ho baetsalibe bohle.

4 Ba natlang leholimo,
Ba tla bona Molimo bis
Ka letlotlong le leseling;
Ba seng bam o lumetse bis
Ba se ba amohetse
Hlohonolo le sa feleng.

Leave a Reply

Kajeno re rorisa