Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (19 rating, 5 votes)
Loading...

Ke tla tseba jwang

11.11.11.11.

1. Ke tla tseba jwang hoba ke tshwaretswe
Be tsohle tsa ka le tsa bonyenyane?
Ho 'na ke phahlo e boima hamper;
Di kaa ka lehlabathe la lewatle.

2. Ke tla tseba jwang hoba ke dumetse
Ka tumelo e phelang, ya sebele?
Satan'o ntshela ka dipelaelo;
O re, ha ke na ho phema timelo.

3. Ke tla tseba jwang ha Moya o ntswetse
Ka tswalo ya bobedi, ke nchafetse,
Ha ke sa fumana pelo ya nama
E rata ka mehla ho 'na e mpusa?

4. Ke tla tseba jwang hoba bitso la ka
Le ngodiloe ka ukeng ya bophelo,
Hore ke baloe har'a majalefa
A tla ja bophelo ba lehodimo?

5. o ka tseba hantle, ngwan'a Morena,
Ha o rata Jesu le bana beno;
Ho tsohle lerato ke ntho e kholo,
Lerato ka mehla, lerato fela.

Leave a Reply

K

Ke tla tseba jwang