Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jesu Moren'a ka, ke re

13.12.13.12.

1. Jesu, Moren'a ka, ke re, o nkatamele,
Ke ntse ke o llela, ke le mahlomoleng!
Tlo ka matshediso, tlo, wena, ka sebele,
Oka pelo ya ka ee o e hlabileng!

2. Leha o nchapile, wa nkotla habohloko
Ke ntse ke o tseba hoba o mohau;
Thupaa ke ya ya ka, o ntaya ka lereko,
U tl'u mphe kabelo khalalelong ya hao,

3. Hlohonolofatsa haholo kotlo tsena,
Di sebetse tsohle tsee o di hopotseng;
Ho 'na e be peo e beang ditholwana
Tsa pako, tsa khotso, tsa rato le letleseng.

4. Ha ke sa le mona, o ntiise hle, ke phethe
Mosebetsi oohle oo ke o abetsweng;
Ke 'ne ke bontshe ba lefifing, ke ba rute
Rato le leholo lee o ba ratileng.

5. Nke ke ka khathala, e se e tla ba nako;
Mong'a rona, o se o tla bonahala!
Ke'ng, leha lefatsheng nka jala ka meokho?
Thabong e sa feleng ke tla ya kotula.

Leave a Reply

J

Jesu Moren'a ka, ke re