1 Hosanna ho a tlang – Lebitsong la Morena
Lerato le chesang – O hlahile ka lona.
Ho roriswe Jesu – ya tlileng ho rona,
Ho shwela melato – E imetseng batho batho. (bis)
2 Hosanna! Thabelang – Monghadi wa bophelo;
Tsohang ananelang, – Le tle le dinyehelo!
Bohle re khumame, – Pina di phahame,
Bongata bo phalle, – Pelo di nyakalle! (bis)
3 Hosanna ho eena – ya re neang ho loka;
Ke Mong'a marena, – ya tlang ho re boloka.
A tswa lehodimong, – Ho shwa sefapanong;
O ikentse pheko – ya dibe tsa batho. (bis)
4 Hosanna! Hosanna! – diphuthehong kaofela
Ho bokoe Morena, – A hlabeloe difela!
O re tshepisitse; – Pina di loketse
Ba dumetseng bohle. – Ba thabe kahohle. (bis)
5 Hosanna ho Mora! – E, re phela ka eena.
O tlisitse khora, – Mo bineleng hosanna.
Ke fela sa hlolo, – Le thoko ya thabo
E loketseng rona – Bana ba morena. (bis)
