Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (10 rating, 2 votes)
Loading...

A re eteleng Bathlehema

9.8.9.8.D

1 A re eteleng Bethlehema,
Ho bona ngwana e motle
Ya hlahileng bosiung bona,
Hore ho thajoe kahohle;
Makhotla a dikete-kete
A mo rorisa sebakeng.
Tsatsi lena ke la mokete;
Tlong, Lona bohle, a re eeng! (bis)

2 Se 'matleng mantlong a borena,
Che, ha se moo a tswaletsweng;
Atamelang sejelo sena
Moo 'm'a hae a mo beileng teng.
O hlahile ka bofutsana
Le ka boikokobetso;
Athe e le eena Morena,
Ke eena Mor'a Modimo. (bis)

3 Lebohang hle, bana ba heso,
Lesea le tlang ka mosa;
Lebitso la lona ke Jesu,
Le tlile ho re pholosa.
Ke eena sedi la dichaba.
Ke tshepo ya ba timetseng.
Mo amoheleng ka ho thaba
Ngwana eo ya le etetseng! (bis)

Leave a Reply

A

A re eteleng Bathlehema