Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ha re babatsa hakalo

Ha re babatsa hakalo
Tsa fatše la ba hloekileng,
Re be re hloke le puo
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

2 Re re, re tla siea lillo,
Re phonyohe mahlomoleng,
Lipelo li tlale thabo;
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

3 Re bolela tsa phomolo,
Tsa khotso e phethehile,
Tsa lerato le tsa hloeko
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

4 Ho tla ba joang ha re bona
Tsohle tsee re li tšepileng,
Re li tseba, re li rua?
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

5 Ha re bua ka molomo
Tseo re li hlolohetsoeng,
Re timelloa ke khopolo
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

6 Jesu, ka sebele-bele,
Ha re ka u boha khanyeng
U na le bakhethoa bohle
Ho tla ba joang ha re le teng
Ho tla ba joang (bis) ha re le teng

Leave a Reply

Ha re babatsa hakalo