Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (3 rating, 1 votes)
Loading...

Bokang, bokang Moloki

1. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu,
Rato la hae, tlong, le le tumiseng.
Mahodimong, mafatsheng e be sehou
Se mo bokang, sa pelo di le ding!
O molemo, o lerato hakaakang!
O boloka bohle bam o tshepang.
Amohelang dithoko tsa mangeloi,
Ho mo tlotlisa, Jesu 'Moloki!

2. Bokang, bokang 'Moloki wa rona Jesu,
Ke konyana e hlabetsweng rona.
Sefapanong, ka madi a hae le lefu,
O phetile topollo ya rona.
Molahluwa ya neng a khotshe dihlong,
Jwale ke Morena lehodimong.
'Mokeng, 'mokeng! Ke tshepo, thabo ya rona,
Sehlabelo, 'Moloki, Morena.

3. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu,
Le tumiseng mohale ya fentseng!
Ka lebitleng o hlotse matla a lefu,
A nyedisa bo-Satane pontsheng.
O n'a shwele, jwale ke ya phedileng,
'Me o phela ka mehla le mehleng.
'Mokeng, 'mokeng, lona, bana ba topollo,
Mo tumiseng hohle ka nyakallo!

4. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu,
Mahodimong, hlamohang ka thabo!
Ke Morena, boning 'Moloki wa batho;
Duluetsang, binang ka nyakallo!
Mangeloi, emang matlotlosiea,
Ha le boha Morena wa khanya;
Le re tlatseng, re mo fapheng ka dithoko,
Molopoldi, Mora wa Modimo.

Leave a Reply

B

Bokang, bokang Moloki