Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (8 rating, 2 votes)
Loading...

Baratuwa ba Jesu

1 Baratuwa ba Jesu, le duletse'ng fela?
Bonang,meriti e se e namile;
Haufi letsatsi le se l'ea dikela;
Le dudutse'ng fela letsatsi lohle?
Lefatshe lohle ke tshimo eso,
Mabele a s'a le matsho.
Bakotudi, se tswafeng,
Kenang mosebetsing,
le ya bitswa kajeno.

2 Kenang ka potlako, e s'e le bosiu,
Nako ya re feta, re se re rakwa;
Re itlhahaneleng, re qhitse khororo.
Oho, re khothaleng, morena wat la.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…

3 Batlang fatsheng lohle bakhethwa ba Jesu,
Le qete dinaha, metse, metsana;
Le bitse ba bacha, bana, le maqheku;
tshimong ya morena bang ditema.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…

4 Baromuwa ba bang ba tshetse mawatle,
Ba tsoma mafatshe,dihlekehleke;
dipheletsong tsohle ba se ba fihlile,
tshimo ya morena ba se ba e dikile,
Lefatshe lohle ke tshimo eso…

5 Le lona kajeno le hlobohe botswa,
Kenang le kotule, khwahlapisisang,
Marena, bafo,le bona ba basehla,
Bohle ke diqwapi tse qenehelwang.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…

6 Bonang hle mabele a se a senyeha,
A hloka matsoho a bakotudi;
Rapelang morena, a rome dinatla,
Batho ba sebele le dikhothadi.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…

Leave a Reply

B

Baratuwa ba Jesu