1. Tumelo ke na le eona,
Empa leha ho le jwalo
Ke ntse ke rapela ke lla:
U ntotisetse tumelo.
2. Leha ke kholwa ke wena,
Ke o tshepile molomo,
Bobe ho 'na ke lehola,
Pelaelo ke mofero.
3. Morena, ke ya dumela,
Fothola ho se dumele,
Ntlhaole pelo ka matla,
Mphe tumelo ya sebele.

