8.7.8.7.
1 Se 'makatsang, se ntlholetseng
Ke ha Moren'a ka
A tlile mona lefatsheng. (bis)
'Me a tla shwela 'na
2 Jo mohau, jo lerato
Tse hlolang leleme!
Jesu, Mora wa Modimo. (bis)
A ntefella dibe.
3 A makaakang na maswabi
Pel'a sefapanong
Moo ho keleketlang madi (bis)
A Mor'a Modimo!
4 Taba eo ke e tiisang,
Ke itella wena;
Ana nka iqenehella'ng? (bis)
U iteletse 'na
5 O, 'Moloki ya bokehang,
Ya nthatang hakalo,
Lehodimong, moo o busang, (bis)
U 'ne o nkhopele!