1. Seforo ke se fumane,
Moo ke hlolang ke tšabela;
Ho 'na ke qhobosheane
E tšepahalang, e matla.
O khotso e kaakang,
E mpolokang pelo,
Khotso e fetisang,
Khotso ea Jesu!
2. Mohla ke bonelang hole
Moroeroe oa pelaelo,
Ke belehela kapele
Ho Morena ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …
3. Maqhubu a mahlomola
Ha a nkoela ka moroallo,
Moo ke tšabelang, ka phele,
Ke Moreneng ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …
4. Ha ke likoa, ke pateloa
Ke makhotla a meleko,
Kea thothomela, kea sutha;
Ke a qhala ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …
5. Lififing, har'a malumela,
Marabeng a litakatso,
Se mphonyosang, ke lla fela
Ho Morena ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …
6. Che, seforong se sekalo
Ha ho letho le ka ntšosang;
Jesu o lebela khoro,
Ke eena ea ntlhabanelang.
O, Khotso e kaakang, …
7. Seqhobong seo se 'makatsang,
Mekhosi ha e mphihlele;
Ke ho Jesu ea mpolokang;
Ke lutse ke iketlile.
O, Khotso e kaakang, …

