1. Pholosa, Ntate, pholosa,
Oto la ka le theletse,
Ke sitoa le ho ithusa;
Oho, oholosa, ke oetse!
2. Jo, jo, ke oetse bolibeng,
Ke phosumela, ka teba;
Ke se ke le ea timetseng;
U nkinole, kea fela!
3. Jo, sebe se ntse se hoba;
Na ke tla itšoarella ka'ng?
Ke ilibana fela
Har'a koeetsa e ferellang.
4. Jo, motho ea malimabe,
Na ke ne ke ipona joang
Ha ke ithetsa hakale,
Ke re ke 'na ea tšepehang!
5. Ke ne ke ipala matla,
Chiseho le phalimeho;
Athe ke bala lefela,
Le seriti sa tumelo.
6. Joale, ke ho hlobohile
Ho itšepa hona ha ka;
Bo'na bo se bo ntahlile,
Ke salloa ke uena fela.
7. Ka mehla, se mpholositseng,
Ke sehlare sa mohau;
Boea, Jesu ea nthatileng,
U mpholose le kajeno.
