Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Re se re tlohile

1 Re se re tlohile,
Re tsoa Egepeteng;
Re leetong, Re lebile
Ha eso, Moreneng.
Alleluya! (bis)
Re fallela kananeng.

2 Re mathela khotsong
E hlokoang lefatšeng,
Re be re fihle phomolong
Ha eso, Moreneng.
Alleluya!(bis)

3 Ke moo ho seng tlatla,
Moo ho pheloang naleng.
Phokolo ea hlokahala
Ha eso, Moreneng.
Alleluya! (bis)

4 Ka teng ha ho lihlong;
Re tla phela botleng
Ha ho sebe leholimong,
Ha eso, Moreneng.
Alleluya! (bis)

5 Lefu le bohloko
Ha li fumanoe teng;
H'a eo ma-palesa-pelo
Ha eso, Moreneng.
Alleluya! (bis)

6 Teng, re tla kopana
Le ba battle khanyeng;
Re se re rata ho kena
Ha eso, Moreneng.
Alleluya! (bis)

Leave a Reply

Re se re tlohile