Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Re ba nyoretsoeng lefatše

12.11.12.11.12.11.

1 Re ba nyoretsoeng lefatše le elileng,
La ba thabileng, la 'muso oa khotso;
Lona ba shotang 'Mileng o phatlaletseng,
Hleka ha le rate ho ea holimo?
Ho ea mang, ho ea mang? Bis
Hleka ha le rate ho ea holimo?

2 Lefatšeng leo ha ho masisapelo
A ka jang ba seng ba kene letlotlong
Ana le lona ba tujoang ke melato
Hleka ha le rate ho ea holimo?
Ho ea mang, ho ea mang? Bis
Hleka ha le rate ho ea holimo?

3 Ha ho thetso teng, ha ho le matšoenyeho
A hlophang ba ahileng parateising;
Ha ho bolata teng, ha ho le bokhopo;
Hleka ha le rate ho ea holimo?
Ho ea mang, ho ea mang? Bis
Hleka ha le rate ho ea holimo?

4 Ha ho lefuma, che, ba teng ke barui,
Ba boha bottle joa 'muso oa khotso;
Ha ho lefu teng, ha ho eo le bofifi;
Hleka ha le rate ho ea holimo?
Ho ea mang, ho ea mang? Bis
Hleka ha le rate ho ea holimo?

5 A re akofeng! Hae ha ho sa le hole,
Re itlhahaneleng ho ea kena teng.
Ho pholile teng, ho bile ho monate;
Hleka ha le rate ho ea holimo?
Ho ea mang, ho ea mang? Bis
Hleka ha le rate ho ea holimo?

6 Fihla, motsoafi, khale re u emetse,
Khoro e ntse e buletsoe le uena;
Ho thoe ke Jesu, ha eba u khathetse,
O tla u fihlisa motseng oa khanya
Ho ea mang, ho ea mang, bis
Ana ha u rate motseng oa Khanya?

7 Na u tla etsa'ng ka lithoto tsa libe?
Li jeroe ke 'Moloki Sefapanong.
Ananela he, u be u mo latele,
Tulo tsona li lekane phomolong.
A re eeng, a re eeng, bis
Re phakise ho ea fihla phomolong,

Leave a Reply

Re ba nyoretsoeng lefatše