Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Pula, pula; Jehova

7.6.7.6.D.

1. Pula! Pula! Jehova.
Re fe pula tse ntle;
Re di kopa ho wena,
'Maballi wa bohle.
Bua, 'me ho tswe marung
Tse nang molubela,
Tse ka tebelang mobung,
Tse nosetsang naha
Pula! Pula! Jehova.
Re fe pula tse ntle;
Re di kopa ho wena,
'Mabaldi wa bohle.

2. Bona, naha e ehele
ke letsatsi-tsatsi;
Dijo di se di shwele
ke ho hloka metsi
Dintho di ntse di ota
ke ho oma ha jwang
khomo ha di sa sa sisa
ke ho llela ho nowang
Pula! Pula! Jehova, …

3. Matswalong a re tshosang
Hakalo, Modimo,
Re ipona ba otlwang,
Ba se nang molemo.
Re o sitetswe, Ntate,
Ka tlolo tse ngata;
U mpe o re etetse
Ka mohau fela.
Pula! Pula! Jehova, …

Leave a Reply

P

Pula, pula; Jehova