Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Pelo ea ka ea u batla

8.7.8.7.

1 Pelo ea ka ea u batla
Mong'a lehlohonolo;
Kea u rapela, u mphe matla
Ka tsatsi la phomolo!

2 Ka tlung ea hao, ha ke kena
Ho utloa tsa tšoarelo,
U lokise, u hloekise
Moe'a ka ka tumelo!

3'Nete tsa hao, Mohauheli,
Li khanya Evangeling;
Li fumantše ka Moe'a hao,
Ba li batlang tempeleng!

4 Ke mamele taba tsa hao,
Ke li boloke pelong;
Ke tsamaee ka molao,
Ke be ke ise lefung!

5 Moe'a hloeko, oa mohau,
U hlole pelong ho 'na;
Motšehare le bosiu
U sebetse ho eona!

Leave a Reply

Pelo ea ka ea u batla