Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (83 rating, 25 votes)
Loading...

Pel'a tulo se tshabehang

1 Pel'a tulo se tshabehang
Sa borena ba jehova,
Bohle , batho ,atamelang,
Anang ka ho thothomela. (bis)

2 Le mo tsebe ,ke Modimo,
Ke 'mopi wa dintho tsohle ;
Machaba , marena , bafo,
Pel'a a hae e ka lerole, (bis)

3 wa laya wa khalemela,
Ho se ya ka mo fetolang;
Wa phedisa, wa timetsa,
O etsa kamoo a ratang. (bis)

4 Empa ho eena lerato
Le khanya jwale ka matla,
Le timetsa mehopolo;
hape, ha le na ho fela. (bis)

5 Morena, o re bopile
U re baballa ka matla ;
Ntate, o re bolokile,
Ha re sa ho timela. (bis)

6 Re tla phahamisa mantswe
'moho le machaba-chaba;
Bohle, ka pelo e le 'ngoe;
Ke mehla re tla o boka. (bis)

Leave a Reply

P

Pel'a tulo se tshabehang