Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (13 rating, 3 votes)
Loading...

O Modimo wa ka

13.12.13.12.

1. O Modimo wa ka, Modimo wa topollo!
Ke re ho lefatshe le ho lehodimo:
E ke e be paki tsa ho leboha ha ka,
Ka moo hlohonolo le mphihletseng kateng.

2. Ke lehlohonolo ha ke utlwa le itseng:
Sedi a le be teng! 'me sedi la hlaha;
Lentswe le tlang ho 'na, le nthutang, le ntshedisang,
Le reng: Moo ke tsela, tsela ya poloko.

3. Ke lehlohonolo ha ke hua le wena,
Ke o ntshetsa poko le thapelo ya ka,
Ka hlompho ya ngwana ya tshepileng ntat'ae
Le ka thothomelo ya moetsadibe.

4. Ke lehlohonolo tsatsing la hao, Morena,
Le tsoileng phomolo le ho tsoha bafung,
Tsatsi le mpiletsang nqalong ya bokhetheho,
Ho fola phokolo le ho boya matla.

5. Ke lehlohonolo mohla thupa e ntayang,
E tla ka lerato, k'e nka ka lerato.
Ha ke belaele, letsoho ke la Ntate;
Tlas'a sefapano ke ya lla, ke ya tshediswa.

6. Ke lehlohonolo ha Satane a nqala,
Ke lwa sefapanong, ke shea Konyana;
Ke hlola mangoleng, 'me ke tswa twanong eo,
Ke tswa ke maqeba, empa ke ya hlotseng.

7. Ke lehlohonolo: Modim'wa ka ke Ntate,
Jesu ke ngwan'eso, 'monesi ke Moya;
Fatshe le ka 'nea'ng? Hele di ka nkamoha'ng?
Ke na le Modimo o bokwang hararo!

Leave a Reply

O

O Modimo wa ka