Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ntat'a rona, Molimo oa hloleho

11.10.11.10.

1. Ntat'a roona, Molimo oa hloleho,
Ea fileng batho tsiu tsa bona,
Re tla bohle ka thato le ka tsoho
Ho u khethela letsatsi lena.

2. Re sitiloe, re tlile ka bohloko,
Ha li baloe be tsohle tsa rona,
Bana, bohle; e, le rona baholo,
Re inyatsa pel'a hao, Morena.

3. Re leballe melato ena eohle,
Re balloe ho loka ha šMoloki;
Mali a hae a re ntlafatse bohle,
Re apesoe kobo tsa bohloeki!

4. Re hlahile kaofela ka tlung ea hao
Hore re tiise kano tsa rona;
Re fe matla, Molimo o mohau,
Re be re shoe re eme ho tsona!

5. Moea oa hao o k'o re tsamaise
Ka tšiu tsa ho phela ha rona
Litaba tse mpe o li lelekise,
Tse ntle tsohle li etsoe ke oona.

6. Re u rate, leha re sa sepela,
Ho tla nakong ea lefu la rona;
Re tiisetse re sa ntse re labella
Morena Jesu, tšepo ea rona!

Leave a Reply

Ntat'a rona, Molimo oa hloleho