Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (21 rating, 5 votes)
Loading...

Naha tsohle tsa lefatshe

8.7.8.7.D

1 Naha tsohle tsa lefatshe,
Rorisang lehodimo.
Le chabelwa ke letsatsi,
Le rongwa ke Modimo.
Ba lefifing bat la tseba
Molopoldi wa bona;
Ba tla bontshwa ke leeba,
Leeba la Jehova.

2 Jesu o n'a shwele batho,
Ho ba lefella dibe;
Jwale, ba tloswa melato
Ka tumelo ya 'nete,
Konyana e re hlabetsweng
E ba bitsa kaofela;
E re ba lopolloe ho shoeng,
Ba abeloe ho phela.

3 Jesu o roma! Itaba
Ho bohle ba lefatsheng
Ba tle ba be le ho thaba
Ho bonwang evangeding.
Baruti ba se ba ile
Pheletsong tsa lefatshe;
Bongata bo fetohile,
Hohle ho nyakaletswe.

4 Chaba di tle di rapele
Ho 'Moloki wa tsona;
Le Basotho ba thabele
Mopholosi wa bona.
Le ba e-song ho dumele
Jesu o sa ba bitsa,
Ba tle bamo khumamele,
Ba fedise ho nyatsa.

5 Badibe bas a timetseng,
Phakisang ho ba batla;
Molopoldi e aba shoetseng,
U ba bitse ka matla!
U ba bokolle ka bong,
Mohlape o be mong fela,
Le Modisa a be mong.

Leave a Reply

N

Naha tsohle tsa lefatshe