Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Naha tsohle, bokang Morena Jehova

12.12.13.13.

1. Naha tsohle, bokang Morena Jehova,
Ke eena Modimo; binang alleluia!
O bopile batho, o hlodile lefatshe,
Maru, dinaledi, le kgwedi, le letsatsi.

2. Bokang, bokang Jesu, ke eena Morena;
O re lopolotse; binang alleluia!
Bao a ba shwetseng bam o nke, ba pholohe;
A tume dichabeng, bohle bam o lebohe.

3. Bokang, bokang Moya o motle, o mosa,
Moya o Mokhethwa; binang alleluia!
Re o tshepisitswe e le Mohalaletsei,
O nchafatsa pelo, o re ratisa 'nete.

4. Baena, tumisang bitso la Jehova!
Chaba tsa lefatshe, binang alleluia!
Khumamelang Ntate, Mora le oona Moya
Modimo o le mong o roriswe ka mehla!

Leave a Reply

N

Naha tsohle, bokang Morena Jehova