1. Na o hlompheha hakaakang,
Ngwan'a Morena e motle!
Bona ba o felehetsang,
Ba hwatata hohle-hohle.
2. Ha o lala, o robala,
Lengeloi la Modimo
Le heama ka makhotla
Ho wena, pel'a mosamo.
3. Ana ke tlokotsi efe
E ka bang ya o hlahela?
Mara a makale-kale
A eme, a fadimeha.
4. Ha o tsoha, o tsamaya,
Leetong o tswela pele,
A se a kotoloha,
A ntse a o teetse hare.
5. Ke ba o hlekelang tsela,
Ba o phemisang tsietsi,
Mamena la madumela,
Moo o ka welang o 'notshi.
6. Ba o boloka maoto
Ba o beile diatleng;
Ke ka taelo ya Jesu,
Morena ya o ratileng.
7. U khothahale, ha o mong;
Dira di ka o rorela,
Ba o bolokang leetong
Ke moifi wa dinatla.