Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Na o hlokile sebaka

8.7.8.7.D

1. Na o hlokile sebaka
Sa ho inkela Jesu?
O eme, o nts'a kokota,
Molopoldi wa batho.
Se hane Moren'a khanya
Ya o ratang hakalo;
O sa eme, wa rapela:
Mo bulele ka thabo.

2. Na o hloka selonyana
See o ka se fang Jesu?
Wa khora o ntse o khaba,
Ho sa mo salle letho.
Se time Moren'a khanya
Ya o teletseng tsohle:
Bohahabo le borena,
Le eena ka sebele.

3. Na o hlokile sebaka
Sa ho rongwa ke Jesu?
U imetswe ke tse ngata,
Merero le boholo.
Se hane Moren'a khanya
Ya ikhwahlapaditseng,
Hore a lopolle wena,
Seila se timetseng.

4. Na o ka hlokile sebaka
Sa ho rorisa Jesu?
Na o dihlong ke'ng ke eena
Ha o le har'a batho?
Se qene Moren'a khanya.
eena ya sa o kheseng,
Esere a o latola.
Le wena pepeneneng.

Leave a Reply

N

Na o hlokile sebaka