Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Na u hlokile sebaka

8.7.8.7.D.

1. Na u hlokile sebaka
Sa ho inkela Jesu?
O eme, o nts'a kokota,
Molopolli oa batho.
Se hane Moren'a khanya
Ea u ratang hakalo;
O sa eme, oa rapela:
Mo bulele ka thabo.

2. Na u hloka selonyana
See u ka se fang Jesu?
Ua khora u ntse u khaba,
Ho sa mo salle letho.
Se time Moren'a khanya
Ea u teletseng tsohle:
Bohahabo le borena,
Le eena ka sebele.

3. Na u hlokile sebaka
Sa ho rongoa ke Jesu?
U imetsoe ke tse ngata,
Merero le boholo.
Se hane Moren'a khanya
Ea ikhoahlapalitseng,
Hore a lopolle uena,
Seila se timetseng.

4. Na u ka hlokile sebaka
Sa ho rorisa Jesu?
Na u lihlong ke'ng ke eena
Ha u le har'a batho?
Se qene Moren'a khanya.
eena ea sa u kheseng,
Esere a u latola.
Le uena pepeneneng.

Leave a Reply

Na u hlokile sebaka