Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Na hase ntho e ratehang

1 Na hase ntho e ratehang,
Ho tla rapela Morena,
Le lithoko tse khahlehang(bis)
Ho mo nyolosetsa tsona?

2 Re bineng lerato la hae
Le nchafatsang pelo eohle,
Le re thabisang moo le hae,(bis)
Joale ka seli le hohle!

3 Re leboheng E moholo,
Ea sa lebaleng le thaha,
Ea ntseng a khorisa motho,(bis)
Ea ntseng a nosetsa naha!

4 Jehova, re bana ba hao,
U re holise kaofela;
U re atisetse mohau, (bis)
Mohau o se nang ho fela!

5 Tlatsa letsoho le jalang,
Jalo li oele ho bohle;
Taba tsee u li bolelang (bis)
Li kene lipelong tsohle!

Leave a Reply

Na hase ntho e ratehang