Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Mpheng mapheo a tumelo

1. Mpheng mapheo a tumelo,
Ke tlohe, ke fofe;
Ke fihlele leholimo,
Tsa teng ke li bone!
Lefatše lena ha le na molemo,
Ha le nkhahle ka letho;
Empa leholimong,
Heso, Moreneng,
Teng ke boiketlong,
Teng ke monyakeng;
E, ke bophelong,
Bophelong bo sa feleng.

2. Na ke tla tlosa neng lera
Le mphifatsang mahlo?
Ke neng ke tla bohisisa
Motse oa Molimo?
Jerusalema, motse o khahlehang,
U rateha hakaakang!
Motse o khabane,
Motse oa khotso!
Lumela, Sione!
Jo, hlolohelo
E nqeta pelo,
Mots'omotle oa Jesu!

3. Barutuoa ba bangata
Ba orohetse teng.
Ba kopane le bakhethoa
Ba bolokehileng.
Ba re rakile, ba kene phomolong,
Ba kene boiketlong.
Ba re lebeletse,
Ba re emetse,
Ba ntse ba re bitsa.
Ha re hopola
Bona ba heso,
Re hloloa ke lipelo.

4. Eo ke mo hlolohetsoeng
Ka ho fetisisa,
Ke Morena ea nthatileng,
Ke 'Moloki oa ka;
Mohla ke hlahang, ke 'mona ka mahlo,
Jo, e tla ba joang thabo!
Ke ope liatla,
'Me ke mo re qa;
A ke ke a nkhaka,
Ke tla mo tseba
Har'a ba khanyang,
Jesu, 'Moloki oa ka.

Leave a Reply

Mpheng mapheo a tumelo