Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Morena, banyadi bana, ba itletse

1 Morena, banyadi bana
Ba itletse ho wena;
Ba tlil'o kopela nyalo
La bona hlohonolo.
Ba amohele,
U ba mamele
Merapelong ya bona ya jwale;
Ba ipatlele
Mpho tsa sebele,
Hore bat le ba iketle,

T. le B.: Amohelang merapelo ya bona; bis
Amohela kopo tsa bona. Bis

2 Bocha bob a thabisitse,
Ba khahliloe ke botle;
Ba thabile, ba ratana,
'Me bas a kha dipalesa.
Ba amohele…

3 O, ba re bat la ratana
Mahlomoleng le thabong!
Maloetseng le boiketlong
Ba 'ne ba hlokomelane.
Ba amohele…

4 Ba tshabise ho fapana,
Ba be le mamellano,
Ba tsebe ho tshwarelana
Ho ba hlokisang hlonamo.
Ba amohele…

5 Tseleng ena ya bophelo
Hammoho ha ba hata,
Ba felehetse Morna,
Ba nenese ka letsoho.
Ba amohele…

6 Ba fihle phellong ya tsela,
Ba sa ntse ba ratana;
Ba tle se ke ba sieana,
Ha ba ya fihla ho wena.
Ba amohele…

Leave a Reply

M

Morena, banyadi bana, ba itletse