Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Moren'a ka, ke sa bua

1. Moren'a ka, ke sa bua le wena,
Ke ingosa e le 'na ho wena;
Mamela hle, ntshekehele tsee,
Ke lla ke kopa ka 'nete-nete.
Jesu ya nolo,
Reko la hao
A le lekane (bis)
Kopo tsa ka tsohle (bis)

2. Ke lesitsi, ke hlokile ho loka,
Ke lokelwa ke kahlolo fela;
Ha ke bona, ke na le dibe tsohle,
Ke ditshila, ke mobe kahohle.
Jesu ya nolo,
Reko la hao
A le kwahele (bis)
Dibe tsa ka tsohle. (bis)

3. Ke bakile, ha ke sa rata dibe,
Empa botswa, tepello, tebalo
Ha di fele; ho itshepa le hona,
Ho se utloe, ke khathatso ruri.
Jesu ya nolo,
Reko la hao
A le kwahele (bis)
Tshitso tsa ka tsohle. (bis)

4. Tshiu tsa ka, leha di le telele,
Leha o ka 'nea tse khutshwane,
Ha di tlala tshwabo le mahlomola,
Le dipabo, kapa mokhathala,
Jesu ya nolo,
Reko la hao
A le lekane (bis)
Tshiu tsa ka tsohle. (bis)

5. Moren'a ka, ho wena ke boletse
Se ntsietsang le see ke se hlokang,
Wena, Jesu, matla ke a hao 'ohle.
Etsa, phetha, o sebetse tsohle.
Jesu ya nolo,
Reko la hao
Le ke le phethe (bis)
Poloko ya ka eohle. (bis)

Leave a Reply

M

Moren'a ka, ke sa bua