Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (4 rating, 1 votes)
Loading...

Moren'a ka, ke sa bua

1. Moren'a ka, ke sa bua le uena,
Ke ingosa e le 'na ho uena;
Mamela hle, ntšekehele tsee,
Ke lla ke kopa ka 'nete-nete.
Jesu ea nolo,
Reko la hao
A le lekane (bis)
Kopo tsa ka tsohle (bis)

2. Ke lesitsi, ke hlokile ho loka,
Ke lokeloa ke kahlolo fela;
Ha ke bona, ke na le libe tsohle,
Ke litšila, ke mobe kahohle.
Jesu ea nolo,
Reko la hao
A le koahele (bis)
Libe tsa ka tsohle. (bis)

3. Ke bakile, ha ke sa rata libe,
Empa botsoa, tepello, tebalo
Ha li fele; ho itšepa le hona,
Ho se utloe, ke khathatso ruri.
Jesu ea nolo,
Reko la hao
A le koahele (bis)
Tšitso tsa ka tsohle. (bis)

4. Tšiu tsa ka, leha li le telele,
Leha u ka 'nea tse khutšoane,
Ha li tlala tšoabo le mahlomola,
Le lipabo, kapa mokhathala,
Jesu ea nolo,
Reko la hao
A le lekane (bis)
Tšiu tsa ka tsohle. (bis)

5. Moren'a ka, ho uena ke boletse
Se ntsietsang le see ke se hlokang,
Uena, Jesu, matla ke a hao 'ohle.
Etsa, phetha, u sebetse tsohle.
Jesu ea nolo,
Reko la hao
Le ke le phethe (bis)
Poloko ea ka eohle. (bis)

Leave a Reply

Moren'a ka, ke sa bua