9.9.8.D.
Monghhali oa ka, ke tsietsoe
Ke thapelo e khahlehang,
Ke ho sisa pelo fela.
Na leha kentse ke khutsitse
Morena , u tla 'ne u tsebe
See pelo e se lakatsang?
Ke re, Morena, chesehelo
Ea pelo ntseng e u llela
Ha ke e fumane go 'na;
Ke tšoarehile ke lefatše'
Leha lona le se le ntenne,
Ke hloloa ke ho phahama.
Matšoele a neng a mamela
Khale, u ne u a qapele
Thapelo ee u e batlang;
E ho 'na, empa ke eletsa
Hore Moea o nthapelise
Ka fehelo tse sa buuoeng
Empa esita le takatso,
Hlolohelo e pelong ea ka
Ke e filoe ke Modimo
Ke ne ke re u nthapelise;
Anthe, Ntate, u se u mphile
Thapelo ee ke e ngosang
Joale, Monghali, ke khutsitse
Ha ke sa batla pelong ea ka
Thapelo ee ke e tlisang;
Ke lebeletse ho Molimo
Phoka e lalang mantsiboea,
E khutlela holimo.