9.9.8.D.
Monghhadi wa ka, ke tsietswe
Ke thapelo e khahlehang,
Ke ho sisa pelo fela.
Na leha kentse ke khutsitse
Morena , o tla 'ne o tsebe
See pelo e se lakatsang?
Ke re, Morena, chesehelo
Ya pelo ntseng e o llela
Ha ke e fumane go 'na;
Ke tshwarehile ke lefatshe'
Leha lona le se le ntenne,
Ke hlolwa ke ho phahama.
Matshwele a neng a mamela
Khale, o ne o a qapele
Thapelo ee o e batlang;
E ho 'na, empa ke eletsa
Hore Moya o nthapedise
Ka fehelo tse sa buuoeng
Empa esita le takatso,
Hlolohelo e pelong ya ka
Ke e filoe ke Modimo
Ke ne ke re o nthapedise;
Anthe, Ntate, o se o mphile
Thapelo ee ke e ngosang
Jwale, Monghadi, ke khutsitse
Ha ke sa batla pelong ya ka
Thapelo ee ke e tlisang;
Ke lebeletse ho Modimo
Phoka e lalang mantsiboya,
E khutlela hodimo.