9.8.9.8.
'Moloki wa ka ya ratehang,
Pelo e re ke o rate;
Lereko la hao le makatsang
Nke ke le lemohe hantle.
2 ka'nete,Jesu, o nthatile
Ke e-s'o re eng ka wena;
Wa tla mpatla ke sa timetse,
Ke sa le diretseng tsa ka
3 wa ya o jere dibe tsa ka,
U se na molatonyana;
Wa re tella ho pheko ha hao,
Ya e-ba pheko ya rona.
4 Ka lona rato la hao, Jesu,
U nthatile ho fetisa;
ke ya tla jwale,ke le ngwan'a hao
Ya tla o rata ka mehla.