Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Luluetsang ka pina

1 Luluetsang ka pina
Tempeleng ea Morena;
Pelo li chesehe,
Le mantsoe a phahame.
Thoko ke tsa Jesu
Ea tlileng lefatšeng,
A iketsa pheko,
Re hlatsoehe libeng. (bis)

2 Ba ratoang ke Jesu,
Le 'mokeng ka lipelo
Ke eena Morena
Le 'Moloki oa lona.
Le tle ka likano
Pontšeng ea Jehova,
Le pel'a phutheho,
Ho tlamelloa eena. (bis)

3 Rorisang, Moshoeli,
Ke eena Mohauheli
Ea re fang tšoarelo,
Ho loka le bophelo.
E-reng ka lithoko
Ho Jesu, Morena;
Re filoe poloko
Le khotso ke uena! (bis)

Leave a Reply

Luluetsang ka pina