Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Le hopotse kae

1 P. Le hopotse kae, ba heso?
Mpolelleng, ke ya rapela;
Bonang, ho thibane maru,
Lefifi le ya tshabeha.
K. Re hopotse fatsheng le hole
Ke lefatshe la kanana,
Fatshe le ratehang, le letle.
Oho, tsamaya le rona!
Bohle , O, tsamaya le rona,
'Me mohla re fihlang kanana,
Re o fihlele, le wena!

2 P. Taba ke dife, ba heso?
Mpolelleng ke ya rapela,
Le potlakela'ng hakalo?
Ke'ng e tswang ho le hlahela?
K. Re titimiswa ke letswalo,
Re bitsitswe ke morena;
Ha ho monyaka o mokalo,
Ha re hopotswe ke eena…
Bohle , O, tsamaya le rona,…

3 P. Na le tshepa'ng na, ba heso?
Mpolelleng, ke ya rapela.
Na le tla bona tse kholo,
Tsee le tla kholwa ke tsona?
K. Re tshepile tse makatsang;
Letlotlo, 'muso, le lefa;
Tse sa boleloeng, tse ratehang;
dintho tse se nang ho fela.
Bohle, O, tsamaya le rona…

4 P. Ha ho le jwalo, ba heso,
Mpolelleng ke ya rapela,
Le fufulelwa'ng hakalo,
Ha le se le tshoere tsela?
K. Ha re hlobohile lefatshe,
Re pheeletse ho loka,
Morena o re dumetse,
Ha hae re se re tla kena.
Bohle, O, tsamaya le rona…

5 P. E, ke dumetse, ba heso,
Ntumelleng, ke ya rapela;
ke ya tsamaya kajeno,
Ha kena ho tsila-tsila.
K. Tlo, re titime ka lebelo,
dipelo di se khathale;
Re tle re finyelle hammoho
Lefatsheng lela le letle.
Bohle, O, tsamaya le rona…

Leave a Reply

L

Le hopotse kae