Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (10 rating, 2 votes)
Loading...

Ke utloa lerato

1. Ke utloa lerato,
Ke talima mali,
Ke bona le sehlabelo
Se ntlisetsang khotso.

2. Ke khotso e tiileng
Joale ka Jehova,
H'a ituletse teroneng
E se nang ho sutha.

3. Ho ka tlala maru,
Ha fihla lifefo;
Ruri, setsoalle sa Jesu
Ha se na phetoho.

4. Rato lena la ka
Leha le ka fola,
La hae le bonoeng Golgotha
Le chesa ka mehla.

5. Ha ho le joalo hle,
Nka itebala 'na;
Nke ke tšepe eena fela,
Ho eena ke theoe.

Leave a Reply

Ke utloa lerato