Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (34 rating, 8 votes)
Loading...

Ke tla kele fela-fela

1. Ke tla ke le fela- fela,
Ke tla ke se na tokelo;
U se nkhane, ke ya timela,
Jesu Konyan'a Modimo!

2. Ke tla ke le fela-fela
Ke foufetse, ke ya baba
Ke tshepile wena fela,
Jesu, Konyan'a Modimo.

3. Ke tla ke le fela-fela;
Ke tla ke le madimabe;
Ha ho khotso, ke ntse ke lla,
Jesu, Konyan'a Modimo.

4. Ke tla ke le fela-fela,
tshwarelo, khotso le hloeko
Ke ntse le di tsetselela,
Jesu, Konyan'a Modimo.

5. Leha ke le fela-fela,
U ntsebile ha o mpitsa;
U mpatlile, wa mpheella,
Jesu, Konyan'a Modimo.

6. Leha ke le fela-fela,
Rato la hao le mphihletse;
Ruri ke wa hao ka mehla,
Jesu, Konyan'a Modimo.

Leave a Reply

K

Ke tla kele fela-fela