Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Kajeno, ho nchabetse

1. Kajeno, ho nchabetse
Letsatsi le letle;
Khale ke le lebeletse,
Joale le hlahile.
U nkamohele, Morena;
Le lona, phutheho;
Ke tli'o kena ho lona,
Ke kopa litulo.

2. U 'nile ua mpaballa
Bocheng bohle ba ka,
Ho fihlela tsatsi lena
Ke phelang ka lona;
Ho 'na e nts'e le mohlolo
U bone eng ho 'na?
Ha ke neoa lehlohonolo
La ho ema mona

3. Ha ke ema, Morena
Ho bolela tsa hao,
Ke re, u nolo, u mosa,
U na le lereko;
Pelo ea hao e mohau,
Hape e telele;
Ruri, ha u rate lefu
La baetsalibe.

4. U ntatile timelong
Moo ke neng ke shoele
Libeng tsohle le melatong,
Matleng a lihele.
Kajeno u ntšokolotse,
U ntšwaretse libe,
U bile u 'nchafalitse
Ka Moea oa 'nete.

5. Kea itlama, Morena,
'Na, ngoan'a hao joale;
Ke oa ntlo ea hao kajeno,
Ke eena ka 'nete;
Ke be eena ka ho rata
Litaelo tsa hao,
Ke be eena ka ho etsa
Mosebetse oa hao.

6. Kea itlama, Morena,
'Na, ngoan'a hao joale,
Ke oa ntlo ea hao kajeno,
Ke eena ka 'nete;
Ke be eena ka ho hana
Litšila le libe,
Ke be eena ka ho lahla
Mekhoa ea lefatše.

Leave a Reply

Kajeno, ho nchabetse