Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Ka mali a hao a matle

8.7.8.7.

1 Ka mali a hao a matle,
Le reko la hao, Jesu,
Ke fuoa ka nako tsohle
Pelo e ntle, e tšoeu.

2 Se mpolelleng hle, baena,
Menyaka ea lefatše;
Ea leng lintho tšohle ho 'na
Ke Jesu, een'a 'notši.

3 Ha ke ne ke sa mo tsebe,
Ke ne ke ntse ke hlora
E thata joko ea sebe,
Ee ke neng ke e jara

4 Ke ne ke ntse ke phallela
Litoro tse 'nyamellang,
Ha ke ne ke se na eena,
Jo, ke ne ke phela joang?

5 Jesu, ha ke u fumane,
Na ke sa tla ea ho mong?
Maotong a hao ke bone
Tsohle tse ka nkholisang

6 Ke ne ke tla khathetse,
Ke tsamaea ka lillo,
Empa u s'u nkhatholotse
Lilibeng tsa nyakallo.

Leave a Reply

Ka mali a hao a matle