1 Ka lipelo tse monate,
Re roriseng Molimo Ntate,
Le bana bohle ba oona;
Re leboheng reko la hae,
Mosa le mohau o sa eeng kae;
A tumisoe har'a rona
Ho bokoe Morena
Ka letsatsi lena
Balumeli,
Re mameleng,
Re lumeleng
Lentsoe la 'mopi oa rona.
2 Leseli la hao le khanye,
'Me lentsoe le re bonesetse
Ka Moea o halalelang.
'Nete tsa hao, tsa bophelo,
Li amoheloe ka tumelo
Pelong tse u chesehelang.
Tumelong ea 'nete
Re fihlele khotso
Re tlotlise
Bitso la hao,
Mong 'a mohau,
Ka tsohle tsee re li etsang.