Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (14 rating, 3 votes)
Loading...

Jesu, o mpone he ke khathetse

10.10.10.10.10.10.

1. Jesu, o mpone ha ke khathetse,
Ke lapile, ke nyahame pelo;
Mona feelleng, o ntokiseditse (bis)
Selallo, mokete o moholo. (bis)

2. wa 'mema le 'na, moetsadibe,
Ke je, ke nwe, ke thabe le wena;
'Mele wa hao ke bona bohobe, (bis)
Ke nwa le madi a hao, Morena. (bis)

3. U ipha 'na, wena ka sebele,
Ke khora matla, khotso le thabo;
Nka batla kae menate esele, (bis)
Nka lakatsa'ng ha o mpha hakalo? (bis)

4. Ana ho setse'ng ka ntle ho wena,
Wena ya kakatletseng ntho tsohle,
Wena, Monghadi, ya ratwang ke 'na, (bis)
Wena, Jesu, ya nthatileng pele?

5. Ahe, Jesu, Ahe, Moren'a ka!
U mphile, ke jele; e, ke khotshe.
U fanne haholo, ke ya boka, (bis)
Ka matla a hao ke matlafetse. (bis)

6. Ha ke tloha mona, ke tsamaya,
Nke ke ka arohana le wena;
Hohle ho pheleng le ho shweng ha ka, (bis)
Jesu, ke tla 'ne ke be le wena. (bis)

Leave a Reply

J

Jesu, o mpone he ke khathetse