Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (12 rating, 3 votes)
Loading...

Jesu o nts'a mpoloka

1 Jesu o nts'a mpoloka,
Moya, 'mele, le pelo;
O mpoloka ka mehla,
Motsheare, bosiu.
Jesu wa mpoloka,
Jesu, 'moloki wa ka,
Ka mehla wa mpoloka

2 Jesu o nts'a mpoloka,
Ke le hae, kapa naheng;
Leha ke ntse ke thaba,
kapa ke le maswabing.
Jesu wa mpoloka…

3 Jesu o nts'a mpoloka,
Leha ke le monate;
Mohlomong ha ke baba,
Le teng ha a ntebale.
Jesu wa mpoloka…

4 Jesu o nts'a mpoloka,
Melekong e bohale,
E sa mpheng le sebaka,
tshepo e be fele.
Jesu wa mpoloka…

5 Jesu o nts'a mpoloka,
A le haufi-ufi;
O disa pelo ya ka
O nkhatshetsa lefifi
Jesu wa mpoloka…

6 Jesu o nts'a mpoloka,
Mohla lefu le hlahang,
Ke setshabelo sa ka;
Na nka thothomela jwang?
Jesu wa mpoloka…

7 Jesu o nts'a mpoloka…
Motseng wa hae o motle
A nketse wa bohlokwa,
Ya ratwang ka sebele.
Jesu wa mpoloka…

Leave a Reply

J

Jesu o nts'a mpoloka