Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jesu o nts'a bitsa

8.7.8.7.D.

1. Jesu o nts'a bitsa, o re:
Ana ke tla roma mang?
Kotulo e kholo ruri;
Ke mang na, ke mang ya yang?
Morena o nts'a tlerola,
Moputso o mongata;
Na ke mang ya ya araba:
Roma 'na, ha o rata? (bis)

2. Leha o sa rongoe hole
Ho ruta bahedene,
Bona ba tletse kahohle,
Le kwano ba haufi.
Menono ha o e hloka
Ho e abela Jesu,
Abela tsa bofutsana,
Mo abele ka pelo! (bis)

3. Leha o sitwa ho ruta
Ka matla, ka hlalefo,
Na o ka sitwa ho pheta:
Modimo o lerato?
Ha o se na matlanyana
Ho tsosa ba baholo,
Ya bokella dikonyana,
U di tlise ho Jesu. (bis)

4. Leha o sa beoe qhooeng
Ho tumisa tsa khotso,
U ka rapela sephiring,
E ntse e le tshebetso.
Rapella, 'me o tshehese
Bahlanka ba Modimo,
Etlaba o seditse
Tse kholo, tse molemo. (bis)

5. dumela lentswe la Jesu:
Ana ke tla roma mang?
Bona, kotulo e kholo;
Na o sa diehelang?
Dumela ho ya kahohle
Moo ho ratang Morena;
Phakisa, mo arabele;
E-re: Roma, roma 'na! (bis)

Leave a Reply

J

Jesu o nts'a bitsa