9.8.9.8.
Jesu ke tla ke hlomohile,
Oho, nchebe ka mosa!
Ke litšila, u li hlakole;
Ke bohloko, o mpholise.
Otlolla he letsoho lela
Le neng le ntlhabelo khale;
Ama pelo ea ka lona,
Leqeba la ka le fole.
Ke tlile ke ikokobetsa
Ke lentsoe lena la pallo,
Le reng ho 'na: Ha u khathetse,
Tlo, ke tla u fa phomolo.
Jesu, ke tšepa uena fela,
Ha ho o mong ea ka nthusang;
Ha u sa ntlel , ke tla fela,
Utloa ngoana hao oa ea llang!
Bona, ha ke sa ntse ke bitsa,
Ka khotso u s'u nchabetse;
Li kae be tse neng li ntelisa?
Jesu, ahe, u nthusitse!
