Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (7 rating, 2 votes)
Loading...

Jesu, ha u ile

1. Jesu, ha u ile
Ua siea taelo,
U itse, re u hopole,
Ha re ja selallo

2. Re ka lebala joang
Rato le leholo,
Le tsotisang, le makatsang
La Morena Jesu?

3. Re ka lebala joang
Bitso le monate
La 'Moloki ea ratehang,
Ea hlotseng Satane?

4. Re ka lebala joang
Mali a Konyana,
A tšolotsoeng sefapanong;
A tsolletsoeng rona?

5. Rea u Hopola
Rea u lakatsa,
Mohauheli oa rona,
Rea u lebella.

Leave a Reply

Jesu, ha u ile