Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (53 rating, 13 votes)
Loading...

Jerusalema e mocha

1. Jerusalema e mocha,
Motse o moholo
O theohang ho Molimo,
O motle, oa khanya.
Seli la hao ke le fahlang
Joale ka lehakoe,
Lehakoe le bonaletsang
Ho feta daemane.

2. Motse ona ha o batle
Hore o bonesoe;
O bonesoa ke Molimo
Ka khanya ea Jesu.
Letsatsi ha le sa chaba,
E fetile khoeli;
Molala le linaleli
Ha li sa phatsima.

3. Chaba tsohle tsa lefifi
Li tla tla kaofela,
Li tla phallela leseli,
Le 'ona marena.
Motse, nyene, le bosiu,
O nts'o bulehile;
Ha ho sa le motšeare,
Bosiu ha bo eo.

4. Teng ho tla tlisoa hlonepho,
Khanya ea lichaba;
Tšila li ke ke tsa kena,
Le bona bokhopo.
Ka teng ho tla kena fela
Ba ngoliloeng bukeng;
Buka eo ke ea Konyana,
Konyana e hlotseng.

Leave a Reply

Jerusalema e mocha