Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (8 rating, 2 votes)
Loading...

Jehova, moren'a rona

1 Jehova, Moren'a rona,
Re ntse re phela ka uena;
Ka mengoaha le mengoahla,
U setšabelo sa rona.

2 Lithaba li e-s'o tsoaloe,
Lefatše le e-s'o bopjoe,
Esale u le Molimo,
U sab aloe le lilemo.

3 Batho bohle ke lerole,
Ho uena e ka lithole,
Ha u re ho bona: khutlang!
Eba batho ba fela hang,

4 Ba joale ka matlakala
A kukoang ke likhohola;
Ba feta joale ka toro
E ikelang le bosiu.

5 Ba tšoana le joang hosasa,
Bo phakisang ho palesa;
Mantsiboea ha bo heloa
Bo phakise ho omella.

6 Bohale ba ha obo tukang
Ke bona bo rona,Morena,
Libe tsa rona, Morena,
Li bitsa kotlo ea rona

7 U li bea pepeneneng,
U li hlahisa leseling,
Li bonoe tsohle ke uena.
Le tse patiloeng ke rona.

8 tšiu tsa rona li ile,
Le lilemo li felile;
Lemo tsee re li baletsoeng
Li mashome a supileng.

9 Oho! Re rute Morena,
Ho bala tšiu tsa rona
Tse khutšoanyane, tse felang
Ebe moo re hlalefisoang,

Leave a Reply

Jehova, moren'a rona