Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (10 rating, 2 votes)
Loading...

Ho Jesu ke beile

7.6.7.6.D.

1. Ho Jesu ke beile
Dibe tsa ka tsohle;
Ere ka ha a nchoetse
Thohakong o 'ntshitse.
Ke beile melato,
O ntefetse eona;
Madi a hae a mphile
Bosweo ba lehlwa.

2. Jesu ke mo tshepile
Bofutsaneng ba ka;
Tsohle di teng ho eena,
O 'neile tsona.
O tseba ho phekola
Le maloetse a ka,
Matla a hae a ntlatsa
Mefokolong ya ka.

3. Ho Jesu ke beile
Ho hlomoha ha ka,
Ho belaela hohle
Le ho swaba ha ka;
O tseba ho di jara
Le ho di fedisa;
O nkutlwela bohloko,
O mpha le sebaka.

4. Nka tshwana jwang le Jesu
Ka mosa, molemo,
Ka boikokobetso,
Lerato, bonolo?
Ke be ngwana ya kutlo,
Ya jwale ka eena;
Nke ke be ditulo
Ho Ntate le eena.

Leave a Reply

H

Ho Jesu ke beile